RIPHABOLIKI YA AFRIKA BORWA
BILI YA SELEMO SA 2002 YA PHEDISO YA TERASETE YA MATLO YA AFRIKA BORWA
Letona La Matlo
B 3D?2002ISBN 0 621 32973 8
BILI
Ho fedisa Terasete ya Matlo ya Afrika Borwa (South African Housing Trust Limited); ho fetisetsa ditokelo le maruo a Terasete ya Matlo ya Afrika Borwa ho Koporasi ya Ditjhelete tsa Matlo ya Naha (National Housing Finance Corporation); ho dihela boikarabelo le melato ya Terasete ya Matlo ya Afrika Borwa ho Mmuso wa Riphaboliki ya Afrika Borwa; le ho etsa monyetla wa ditaba tse amanang le moo. TSE ETELETSENG PELE LE HA Terasete ya Matlo ya Afrika Borwa e ile ya botjwa ka ho latela Molao wa Dikhampani wa selemo sa 1973 (Molao wa Nomoro ya 61 wa 1973) hore e be khampani e nang le seabo sa tjhelete eo boholo ba kgwebo ya yona e leng ho ntshetsa pele kaho ya matlo a boemo ba theko e tlase Afrika Borwa; MME LE HA khampani e ka hodimo e ne e fumana tjhelete eo boholo ba yona bo tswang Mmusong wa Riphaboliki ya Afrika Borwa le kgwebong tsa poraefete hore e phethahatse mosebetsi wa yona oo eleng wa sehlooho; LE HA Mmuso wa Riphabiliki ya Afrika Borwa nakong ya jwale e le ona feela o nang le seabo khampaning ena; LE HA tumellano e ile ya fihlelwa dipakeng tsa Terasete ya Matlo ya Afrika Borwa le Koporasi ya Ditjhelete tsa Matlo ya Naha, eleng khampani e ngodisitsweng ho latela Molao wa Dikhampani wa selemo sa 1973, eo Mmuso wa Riphaboliki ya Afrika Borwa eleng ona feela o nang le seabo ho yona, mme ho ya ka ona Terasete ya Matlo ya Afrika Borwa e lokela ho fetisetsa ditokelo le maruo a yona ho Koporasi ya Ditjhelete tsa Matlo ya Naha ka moputso wa tjheletenyana e itseng;HAPE LE HA Mmuso wa Riphaboliki ya Afrika Borwa o tla amohela boikarebelo le boitlamo le melato ya Terasete ya Matlo ya Afrika Borwa; HAPE LE HA ho se ho se molemong wa Mmuso ho fana ka tjhelete bakeng sa matlo a boemo ba theko e tlase kapa ho fumana tjhelete bakeng sa matlo a boemo ba theko ena e tlase kgwebong tsa poraefete, ka motjha wa khampani;
KA HOO HO ENTSWA MOLAO ke Palamente ya Riphabiliki ya Afrika Borwa ka mokgwa o latelang:?
Ditlhaloso
Molaong ona, ntle le moo moelelo o supang ka mokgwa o mong?
Khampani? e bolela Terasete ya Matlo ya Afrika Borwa
Molao wa Khampani? o bolela Molao wa Dikhampani, wa selemo sa 1973 (Molao wa Nomoro ya 61 wa selemo sa 1973);
letsatsi la tshebetso? le bolela letsatsi la mohla la 1 Loetse 2002;
selemo sa ditjhelete? se bolela nako e qalang ka la 1 Mmesa selemong se seng le se seng ho ya ho la 31 Tlhakubele selemong se latelang;
Mmuso? o bolela Mmuso wa Riphaboliki ya Afrika Borwa; mme
Letona? le bolela Letona la Matlo.
Phediso ya Terasete ya Matlo ya Afrika Borwa
Ho tloha mohla letsatsi la tshebetso Khampani e ke ke ya hlola e sa ba teng jwalo ka khampani ho latela molao wa Dikhampani mme ka sepheo sa Molao oo e lokela hore e be e phethetse mesebetsi yohle ya yona.
Mongodisi wa Dikhampani o lokela ho ntsha dibukeng tsa hae ngodiso ya Khampani ena jwalo ka khampani ho latela Molao wa Dikhampani ho tloha mohla letsatsi la tshebetso.
Ditholwana tsa phediso ena ya khampani
Ho tloha mohla letsatsi la tshebetso?
a ditokelo tsohle le maruo a Khampani, ho kenyeleditswe direkoto tsa tsamaiso, tsa ditjhelete le tse ding tsa Khampani di tla fetoha tsa Koporasi ya Ditjhelete tsa Matlo ya Naha e boletsweng karolong ya 36b ya Molao wa Matlo, wa 1997 Molao wa Nomoro ya 107 wa 1997;
b boitlamo le melato kaofela ya Khampani e tla wela tlasa boikarabelo ba Mmuso jwalo ka molato wa naha wa mmuso, Mmuso o tlameha ho phetha boitlamo le boikarabelo ba melato matsatsing a tsepamisitsweng hore melato e lefuwe ka ona; mme c balaodi ba Khampani ba beha meja fatshe jwalo ka balaodi ba Khampani ka ho ya ka tumellano e mahareng a balaodi le Mmuso.
Tshusumetso ya sena Letloleng la Ditjhelete tse kenang tsa Naha
Tefo efe kapa efe eo Mmuso o e etsang nakong ya selemo sa ditjhelete se qalang ka la 1 Mmesa 2002 ka morero wa ho phetha boitlamo kapa ho lefella melato e boletsweng karolong ya 3(b) e lokela hore e be ditshenyehelo tse otlolohileng tse ntshuwang Letloleng la Ditjhelete tse kenang tsa Naha ho fihlela ditefello tseo di se di sa kgone ho ba teng matloleng a loketseng tlasa Voutu ya Matlo tlasa Molao wa Kabo o tshwanetseng.
Tefello efe kapa efe ya phaello le tefo ya boitlamo le melato efe kapa efe dilemong tse latelang tsa ditjhelete e tla ba tefiso e otlolohileng ho tswa Letloleng la Ditjhelete tse kenang tsa Naha jwalo ka ha e ka ke ditefello tsa dikadimo jwalo ho ya ka karolo ya 73 ya Molao wa Tsamaiso ya Ditjhelete tsa Setjhaba, wa 1999 Molao wa Nomoro ya 1 wa 1999.
Sehlooho se sekgutshwanyane
Molao ona o bitswa Molao wa Phediso ya Teresete ya Matlo ya Afrika Borwa, 2002.
MEMORANDAMO HODIMA BOIKEMISETSO BA HO FEDISA BILI YA SELEMO SA 2002 YA TERESETE YA MATLO A AFRIKA BORWA1. Popo ya khampani
Ho latela dipuisano dipakeng tsa Mmuso le kgwebo ya poraefete nakong ya selemo sa 1986 ho ile ha dumellanwa hore ho hlongwe morero o kopanetsweng kantle ho Mmuso ka sepheo sa ho theha menyetla ya mosebetsi ka tsela ya ho etsa menyetla le ho nehelana ka tjhelete bakeng sa matlo a tobisitsweng karolong ya baahi ba Afrika Borwa ba amohelang tjhelete e tlase. Ka sepheo sena sa Teresete ya Afrika Borwa ya Matlo (khampani) e ile ya hlongwa jwalo ka khampani ka kgwedi ya Pherekgong selemong sa 1987 ka kgwebo ya yona e kgolo le sepheo se seholo ho latela ka moo ho lokodisitsweng ka teng ka mokgwa o latelang:
Ho kgothaletsa le ho etsa monyetla wa ho nehelana ka matlo a kgonehang le ho fumana tokelo e itseng ya tokelo ya thuo ya theepa bathong ba amohelang tjhelete e tlase Afrika Borwa ka mokgwa o tla etsa hore ho phahamiswe tshireletso ya mosebetsi.?
Boitshetleho
Ho tloha haesale khampani ena e hlongwa kgwebo ya yona e nnile ya tswella ho feta maemong a fapafapaneng. Maemo ana a bontsha tshusumetso le ntlafatso e entsweng ya ho beha khampani boemong bo botle mabapi le diphetoho tse teng tikolohong e kantle ya nako le nako. Makala a thuo e phethahetseng ya khampani a ile a hlomamiswa, ka mabitso e leng, Nu-way Housing Developments (Pty) Limited le Khayalethu Home Loans (Pty) Limited eleng tsona tse ileng tsa tshwara kgwebo ya ntshetsopele ya theepa le khampani ya kgwebo ya kadimo ya matlo ka ho fapana.
Tshimolohong ya tshebetso khampani e ile ya nehelana ka diabo tse tlwaelehileng tse 10 000 tsa boleng bo lekanang ba R1, 00 seabo ka nngwe mekgatlong e fapafapaneng. Nakong yona eo Mmuso o ile wa nehelana ka monyetla wa kadimo e hlokang tswala ya tjhelete e kaalo ka dimilione tsa diranta tse 445 ho khampani mme wa tiisa le hore o tla fana ka tiiso dikadimong tse tla fumanwa kgwebong tsa poraefete ho fihlela ho dimilione tsa diranta tse 890. Selemong sa ditjhelete sa 1992/1993 Mmuso o ile wa fana ka tjhelete e kaalo ka dimilione tsa diranta tse 40 e sa lokelang hore e kgutliswe ho khampani. Selemong sa ditjhelete sa 1993/1994 akhaonte ya Mmuso ya kadimo e hlokang tswala ya dimilione tsa diranta tse 445 e ile ya fetolelwa tjhelete ya seabo e le ho leka ho ntlafatsa morero wa ditjhelete le dikadimo wa khampani. Morero ona wa ditjhelete o ile wa ba le tshusumetso ya ntlafatso ya moralo wa ditjhelete wa khampani le ho rotetsa khampani ka mokgwa o nepahetseng e le ho hodisa kgwebo ya yona haholo.
Tieho le phaello e tlase ha mmoho le taba ya ho boikhota tefello ya matlo ke batho ba ruileng matlo, ke dintho tse ileng tsa sitisa kgolo ya khampani haholo mme khampani e ile ya ba le tahlehelo tse kgolo selemo se seng le se seng ho tloha ka selemo sa 1995 ho isa ho sa 1998. Mmuso le batsamaisi ba khampani ba ile ba fihlela qetong ya hore monyetla wa khampani wa hore e kgone ho sebetsa hore e monyohe mathateng a yona e batla e le hojana mme tshebetso ya khampani e lokela ho ralwa hape botjha. Mmuso o ile wa ananela taba ya hore khampani e boele e ralwe botjha nakong ya kgwedi ya Tlhakubele selemong sa 1998 mme Mmuso o ile wa dumela hore o tla hlompha ditiiso tsohle tseo e neng e ile wa fana ka tsona mme o ile wa dumela hore makala a kgwebo a khampani (Nu-way le Khayalethu) a rekiswe ka ditheko tse ntle tse ka fumanehang mme tjhelete ya phaello e ka fumaneng thekisong eo e sebedisetswe ho lefa melato ya khampani.
Nakong ya selemo sa 1999 le sa 2000 khampani e ile ya rekisa Nu-way le Khayalethu ka kananelo ya khabinete. Khabinete e ile ya dumela le hore mehato e nkuwe ho fedisa khampani e hlomamisitsweng. Mosebetsi wa ho kwala khampani o ile wa etswa ka tsebo le tumello ya Komiti e Teng ya Di-akhaonte tsa Setjhaba. Ka morao ho thekiso ya makala ana a mabedi a khampani melato ya khampani e ile ya fihlela tjhelete e kaalo ka dimilione tsa diranta tse 571 eleng molato o ileng wa fetisetswa ho Mmuso.
Maruo ohle a khampani a setseng ka morao ho thekiso ya makala ana a mabedi a khampani a tsamaela ho tjhelete e ka bang diranta tse kaalo ka dimilione tse 70 eleng tjhelete e botjwang ka dikadimo haholo ho dikoporasi tse fapafapaneng tsa matlo tsa mebuso ya mehleng ya TBVC eleng Transkei, Botswana, Venda le Ciskei. Mmuso o dumetse hore khampani e fetisetse maruo ohle a yona a ka etsang diranta tse dimilione tse 70 ho Koporasi ya Naha ya Ditjhelete tsa Matlo ( yeo kaofela eleng ya Mmuso) ka tjhelete e nyenyane ya R1,00. Lefapha la Matlotlo a Naha le ile la jara boikarabelo ba ho lefa boitlamo ba melato ena ka morao ho la 1 kgweding ya Mmesa selemong sa 2001.
Tse fuperweng ke Bili ena
Bili e batla ho fedisa khampani ho tloha ka la 1 kgweding ya Tshitwe selemong sa 2001 (?letsatsi la tshebetso ya yona?). Mongodisi wa Dikhampani o lokela ho ntsha khampani rejistareng ho latela Molao wa Dikhampani wa selemo sa 1973 (Molao wa Nomoro ya 61 wa selemo sa 1973), ho tloha mohla letsatsi lena la tshebetso. Ditokelo tsohle le maruo ohle a khampani di tla wela Koporasing ya Naha ya Ditjhelete tsa Matlo (eo kaofela e leng ya Mmuso) ha boitlamo le melato yohle e tla ba boikarabelo ba Mmuso jwalo ka molato wa setjhaba mme Mmuso o tlameha ho inyalanya le boitlamo le melato ena matsatsing a behilweng hore o ikamanye le ona. Batsamaisi ba khampani ba tla beha meja fatshe jwalo ka batsamaisi ho tloha mohla letsatsi leo la tshebetso ya Bili.
Se bolelwang ke ditjhelete tsena ho Mmuso
Tefo e etswang ke Mmuso nakong ya selemo sa ditjhelete sa 2001 le sa 2002 ho ikamanya le boitlamo le melato tseo ho builweng ka tsona ka hodimo e lokela hore e be tefello tse otlolohileng tse tswang Letloleng la Ditjhelete tsa Setjhaba ho fihlela tefo tseo di se di sa kgone ho ntshuwa tjheleteng e abilweng kabong ya ditjhelete tsa Matlo Molaong wa Kabo wa selemo sa 2001 (Molao wa Nomoro ya 2 wa selemo sa 2001). Dilemong tse hlahlamang ditefello tse entsweng ke Mmuso ho ikamanya le boitlamo le melato eo di lokela ho tsamaya ho latela Molao wa Palamente.
DITHERISANO
Mekgahlo e latelang e ile ya reriswa:
Letlole la Setjhaba.
Banka ya Ntshetsopele ya Afrika Borwa.
Koporasi ya Naha ya Ditjhelete tsa Matlo.
MEHATO YA PALAMENTE
Baeletsi ba Mmuso ba Molao le Lefapha la Matlo ba na le maikutlo a hore Bili ena e lokela hore e tsamaiswe ho latela mehato e laeleditsweng ya karolo ya 76 kapa ya Molao wa Motheo hobane e wela karolong ya tshebetso e lokodisitsweng Lenaneng la 4 la Molao wa Motheo, eleng ?Matlo?.
ISBN 0 621 32973 8
